KEREITE YA 12
DITAELO HO MOHLAHLOBUWA
Pampiri ena e arotswe dikarolo tse tharo, e leng:
KAROLO YA A: Moqoqo 
KAROLO YA B: Ditema tsa kgokahano tse telele 
KAROLO YA C: Ditema tsa kgokahano tse kgutshwane 
Bahlahlobuwa ba lokela ho araba potso e le NNGWE karolong e nngwe le e nngwe.
Qala karolo e nngwe le e nngwe leqepheng le letjha, mme o sehe mola qetellong ya karolo ka nngwe.
Ngola ka mongolo o makgethe o balehang ho bebofaletsa motshwai ho tshwaya mosebetsi wa hao.
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo e nepahetseng.
Bolelele ba ditema tse hlahiswang e be:
KAROLO YA A: Moqoqo - mantswe a 400 - 450
KAROLO YA B: Ditema tsa kgokahano tse telele -
mantswe a 180 - 200
KAROLO YA C: Ditema tsa kgokahano tse kgutshwane -
mantswe a 100 - 120.
KAROLO YA A: MOQOQO
POTSO YA 1
Kgetha sehlooho se le SENG mme o ngole moqoqo wa bolelele bo boletsweng ka hodimo. Ela tsena hloko:
Mohatong wa boitokisetso etsa moralo kapa mmapa wa monahano moo o bontshang mehopolo ya sehlooho le dintlha tse e tshehetsang tseo o tla ngola ka tsona.
Ha o qeta ho ngola moqoqo boela o o bale hape ho hlaola diphoso. O tla abelwa matshwao bakeng sa ho ela hloko mehato ena.
O lemoswa hore dintlha tse pedi tse ka hodimo di abetswe matshwao. O tla lahlehelwa ke matshwao ha o ke ke wa di phethahatsa.
E qotsitswe ho tswa makasineng wa Bona, Phato 2007
A mang a Maafrikaborwa a bonahala a halefisitswe ke tshubuhlellano ya baphaphathehi ba hlahang dinaheng tse ding tsa Afrika. Ka baka la tshabo le lehloyo (Xenophobia) a qetelletse a phaphathehisitse bajaki bana hape ka sehloho ka ho ba tjhesetsa matlo le dikgwebo tsa bona esita le ho bolaya ba bang ba bona. Ke eng se bakang tshabo le lehloyo le lekanakana ho a mang a Maafrikaborwa? Ngola moqoqo moo o hlalosang sesosa sa tshabo le lehloyo lena le lekanakana ho a mang a Maafrikaborwa. Sehlooho sa moqoqo wa hao e be: Tshabo le lehloyo ho baahi ba naha disele.
KAPA
Motseng wa heno ho na le batjha ba ikentseng kgokanyanaphiri ho thusa maqheku le maqhekwana ka dintho tse ngata tse fapaneng. Le wena o e mong wa batjha bao. Selemong se fetileng, ka kgwedi ya Tshitwe le ne le ba etseditse mokete wa teboho moo le neng le ba leboha ka seabo seo ba bileng le sona setjhabeng. Ngola moqoqo oo o re phetelang ka diketsahalo tsa tsatsi leo. Sehlooho sa moqoqo e be: Wa tla wa ba motle mokete oo!
KAPA
Molao o motjha wa ditokelo tsa bana o dumella bana ho tloha dilemong tse leshome le metso e mmedi ho etsa qeto ya ho ntsha mpa ntle le tsebo le tumello ya batswadi. Sena se tsositse maikutlo a fapaneng hara setjhaba sa Afrika Borwa. Ba bang ba dumela hore o tlisa tharollo athe ba bang ba re o eketsa mathata a seng a ntse a le teng setjhabeng. Ngola moqoqo ka sehlooho sena: Na bana ba dilemo tsa ho tloha ho tse 12 ba lokela ho dumellwa ho ntsha mpa?
KAPA
Motho ke sebopuwa se seng se makatsang ka mehla. Ka nako e nngwe motho o nahana hore mohlomong ho ka be ho le molemo hoja sefuba sa hae se ne se bonaletsa. Ka bomadimabe ha ho jwalo, ke kweetsa ya sebele. Ngola moqoqo oo sehlooho sa wona e leng: Kwala buka o ithute motho.
KAPA
Dipatlisiso tse entsweng di bontshitse hore boholo ba batjha ba rona Afrika Borwa ha bo fumane mesebetsi ha bo qeta dikolong tse phahameng ekasitana le diyunivesithing. Sena e ba qaka e kgolo setjhabeng ka kakaretso. O bona qaka ee e ka rarollwa ka tsela efe? Ngola moqoqo oo sehlooho sa wona e leng: Bothata bo tliswang ke tlhokeho ya mesebetsi batjheng le tharollo ya bona.
KAPA
Matsatsing a kajeno ho bonahala Maafrikaborwa a se a kgahlilwe ke ka moo ditjhaba tse ding di nyalang ka teng. Maafrikaborwa a mang ha a sa tshehetsa ho ntsha bohadi ha a nyala. Ka Sesotho lenyalo le qala ka ho thethesa bohadi ho tloha qalong ho isa qetellong ya lona. Ngola moqoqo oo ho wona o nehelanang ka dintlha tse tshehetsang le tse hanyetsanang le sehlooho sena: Ho ntsha bohadi.
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A:
KAROLO YA B: DITEMA TSA KGOKAHANO TSE TELELE
POTSO YA 2
Kgetha mme o ngole tema e le nngwe ho tsena tse latelang. Bolelele ba tema ya hao e be mantswe a 180 - 200.
O pasitse Kereiti ya 12 ngwahola, mme o lokela ho ntshetsa dithuto tsa hao pele ho e nngwe ya diyunivesithi tsa Afrika Borwa. O pasitse dithuto tsa hao ka mokgwa o babatsehang empa bothata ke ho re batswadi ba hao ha ba kgone ho o isa yunivesithing. Mong o o eleditse ho re khampani ya Telkom e nehelana ka dibasari ho baithuti ba fetileng dithuto tsa bona tsa Kereite ya 12 ka tsela e kgabane. Ngolla khampani eo lengolo o kope basari ya ho ntshetsa dithuto tsa hao pele.
KAPA
Taba melomong ya batho bohle kajeno ke ho ketekwa ha dilemo tse mashome a robong tsa tswalo ya moporesidente wa mehleng, Ngaka Rolihlahla Nelson Mandela. Jwalo ka mohlophisi wa koranta ya 'Ha taba tsa Batho', ngola tema ya ditlhophiso (editorial) eo ho yona o buang ka bokgabane le bonatla ba qhooku ena ya Afrika le lefatshe ka bophara.
KAPA
E qotsitswe ho tswa bukeng ya Mmampodi 2007
Mamello le Tahleho ke bana ba ntse ba buisana ka ditaba tsa radio tse ba makaditseng. Ditaba tseo ke tse reng: 'Baithuti ba dikolo tse phahameng ha ba na thahasello puong ya Sesotho'. E be see se bakwa ke eng? E be tharollo e ka ba efe? Ngola puisano moo Mamello le Tahleho ba qoqang ka pharela ena.
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B:
KAROLO YA C: DITEMA TSA KGOKAHANO TSE KGUTSHWANE
POTSO YA 3
Kgetha mme o ngole tema e le nngwe ho tsena tse latelang. Bolelele e be mantswe a 100 - 120.
O morekisi wa diselefouno khampaning ya heno. Khampaning eo ho fihlile setlabotjha sa mohala o kgemang le tswelopele ya moraorao tjena. Etsa papatso eo ka yona o bapatsang setlabolane sena sa mohala.
KAPA
O na le khampani. Mosebetsi wa yona ke ho etsa diphatlalatso le dipapatso. Ngaka ya popota e sa tswa fihla motseng wa heno, e tlile ho wena mme ya o kopa hore o phatlalatse le ho tsebahatsa ditshebeletso tseo e fanang ka tsona. Ngola pampitshana ya tlhahisoleseding (flyer) moo o hlabang setjhaba malotsana ka ditshebeletso tsa ngaka ena.
KAPA
O se o tlohile sekolong seo o neng o kena ho sona, mme o ile ho se seng motseng o motjha. Motswalle wa hao o a o etela mme o tla ka dipalangwang tsa setjhaba. Mo ngolle o mo fe ditaelo tse hlakileng hantle tsa ho re sekolo seo sa hao se hokae. Ditaelo tsa hao di be le dintlha tse totobetseng tse mo supisang tsela, tse kang matshwao a tsela, mabitso a diterata le mabitso a meaho.
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA C:
MATSHWAO A PAMPIRI ENA YOHLE:
